
Liema Pantsi o ipabola dikgaung tsa Basadi in Music
Ka dilemo tse 23 fela, kgalala ya mehleng ya Big Brother Mzansi, Liema Pantsi o ipabola sedikadikweng sa mmuno.
Pantsi o hapile kgau ya pina ya selemo dikgaung tsa Basadi in Music Awards ka moqebelo bosiu. Tlholo tse pedi tsa Pantsi di ne etsa nalane le ho fetola papadi.
Basadi ha ba nke karolo fela mminong empa ba etella pele, ho hlola le ho iketseta mabitso.
Masiu a mabedi a keteko a qadileng ka labohlano ka dikgau tsa Vanguard tse neng di tswerwe ke setho Metro FM, Lamiez Holworthy.
Dikgau tsena dine ditlotla basadi karolong tse tsohle tsa boithabiso, ho tloha ho bohlahisi, bophatlalatsi, bonono le mminong.
Mokete wa moqebelo o neng o tswerwe ke Lerato Kganyago e ne le kgorola.
Mokete ona o ne o pepesa bonono, neo le bokgone mme o ne o ketekwa tlasa lepetjo; The Four Elements of Life.Â
Bakeng sa Pantsi ya qadile ho Big Brother Mzansi selemo se fitileng e ne e le ntho e kgolo.
“Kgau tsena di nsusumeditse haholo,” o hlalosa ho Sowetan. “Di mpontshitse hore mesebetsi ya ka ha se lefela.”
Pantsi o se a sebeditse le dikgalala tse jwalo ka Cici le Dj Zinhle mme ha jwale o sebetsa le Shekhinah, SZA le Cleo Sol bakeng sa bokamoso.
“Re hloka tshedisano le kutlwano. Kgau tsensa di re thusa ho tsebana le ho tshehetsana.”
Se seng sa dibine tse ipabolang Kharishma, o hapile kgau ya Music Video of the Year ho bontshahatsa mmino wa hae wa lekompo.
“Ke ne ke sa lebella,” ho hlalosa Kharishma. “Empa ke ya leka, ke ya leka ho nka mmino wa rona le ho o tsibisa lefatshe.”
Kgosana ya bonono Momuzi “Moozlie” Mabena o nkile kgau ya setho se hlwahlwa sa bonono ho keteka bokgoni ba hae ba maemo a hodimo le seabo sa hae diaparong.
Bosiu boo bo bile boholo ho feta ha kgalala ya mmino wa gospel Dr Rebecca Malope a fumana kgau ya Lifetime Achievement.
“Kananelo ha e tsofale,” ho hlalosa Malope. “Ho nna ke ntho e kgolo ha mesebetsi ya ka e ntse e bonahala. Ka mora dilemo tse 30, ntse ke leboha.”
Ana ke mantswe a basadi. Sena ke bopaki ba hore basadi haba teng fela empa ba tshwanelwa ke tlotla.
BALa HAPE:Â Boity o teyana le mathata leetong la hae Barcelona
Translator: Kabelo Lehasa
