Mokgathala wa mafelo a Selemo: Qeta selemo o sa fele matla

Ha selemo se atamela qetellong, batho ba bangata ba qala ho ikutlwa ba kgathetse haholo mosebetsing le bophelong ba letsatsi le letsatsi. WorkCare Wellness e hlalosa sena e le year-end fatigue, e amanang haufi le burnout: ho tepella mmeleng, maikutlong le kelellong. Hangata motho o lahlehelwa ke tjantjello, a imelwa ke kgatello, mme dintho tsohle di bonahale di mo feta matla.

Mabaka a sehlooho a kenyelletsa moroalo o eketsehileng wa mosebetsi ha dikhamphani di phehella dipheo le deadlines tsa qetelo ya selemo. Hape ho ba le kgatello ya matsatsi a phomolo: ho reka, ho rera le dikopano tsa setjhaba. Batho ba bang ba boela ba inahanela haholo ka diphihlello le dipheo tse sa fihlellwang, e leng se hodisang maikutlo a ho se lekane. Le phetoho ya boemo ba lehodimo, haholoholo maqhubu a mocheso, e ka eketsa mokhathala.

Ditlamorao di ka ba boima: tlhahiso e theoha, mmele o qala ho bontsha matshwao a khatello, dikamano di ba thata ka lebaka la ho teneha habonolo, mme mathata a kang matshwenyeho le kgatello ya maikutlo a ka hlaha. Le tshebetso e mpe mosebetsing e ka qetella e ama le bokamoso ba mosebetsi wa motho.

Ho itshireletsa ho qala ka boitlhokomelo bo tiileng: boroko bo lekaneng, dijo tse lekalekanang, boikoetliso le mekhoa ya ho phomola e kang ho thuisa kapa ho hema ka botebo. Ipehele dipheo tse utlwahalang, o sebedise taolo ya nako e sebetsang jwalo ka Pomodoro technique kapa task batching, mme o se ke wa tshaba ho kopa thuso kapa ho abela ba bang mesebetsi.

Ho nka dikgefutso nakong ya mosebetsi le ho rera phomolo ho thusa ho kgutlisetsa matla. Kgaola puisano ya mosebetsi ka mora dihora tsa mosebetsi, matlafatsa kamano le ba lelapa le metswalle, mme o ikgopotse dintho tse ntle tseo o di fihletseng. Ha burnout e se e tebile, batla thuso ya setsebi sa kelello. Tsela e lekalekaneng pakeng tsa mosebetsi le bophelo ke yona senotlolo sa ho qeta selemo ka matla le ho qala se setjha ka tjantjello.

BALA: Donald o arabela dipotso tsa barati ba hae ho marangrang