Nota o ya bua ka mora hore diqoso tsa peto di hlakolwe

Moetsi wa mmino Nhlamulo Nota Baloyi o buile ka taba ena kamora hore qoso ya peto e neng e mo qosoa e hlakolwe.

Sebapadi sa kalaneng Itumeleng Bokaba o hlakotse qoso ya peto kgahlanong le Nota, a bolela hore o lokela ho tsepamisa maikutlo mosebetsing wa hae.

Naledi ya mehleng ya Rhythm City e ile ya fana ka polelo leqepheng la hae la Instagram ka Labohlano hore o ikgula nyeweng ho ya shebana le monyetla wa bohlokwa wa mosebetsi.

Bokaba o hlakisitse hore qeto ya hae ha e fokotse boiphihlelo ba hae kapa diqoso.

E ipapisitse le tlhoko ya ho itahlela ka botlalo kgaolong ena e ntjha bophelong ba hae, o boletse jwalo.

“Ke qeta ho fumana monyetla o babatsehang wa mosebetsi.

 “Eo ke sa kang ka e bona e tla empa eo ke e tsebang e hlile e dumellana le morero wa ka.

“Projeke ena e hloka hore ke tsepamise maikutlo ka botlalo, boitelo le hore ke dule ke le sebakeng se setle e le hore nka kgona ho etsa sohle se matleng a ka,” o boletse jwalo.

Ha a bua le Sunday World, Nota o itse ho nka dilemo ho iketsetsa seriti mme sa hae se mo etella pele.

 O boetse a bolela hore ha ho motho eo a mo tsotellang ya neng a dumela diqoso tseo a di qoswang ka nako eo.

 “Lelapa la ka le nnile la ntshehetsa maikutlong le ditjheleteng ka nako tsohle.

“Ntho e ntshwenyang haholo ke hore mmelaedi o ntse a nahana hore sena ke motlae.

 Ha a tsotelle bohloko le bima boo a bo bakileng ho nna le ba lelapa leso.

 “Le hore na tsela eo a sebetsanang le taba ena e hlohlelletsa mahlatsipa ka teng,” ho boletse Baloyi.