Sebini sa Afrika boroa se tswelapele ho ingola nalaneng ya mmino

Sebini le mongodi wa dipina wa Afrika Boroa ya tummeng lefatshe ka bophara Tyla, o tswelapele ho ngola lebitso la hae naleneng ya mmino lefatsheng.

Letswallwa lena la Johannesburg, le hapile kgau ya bobedi ya Grammy dikgaung tse neng ditshwerwe ka la 01 Hlakola motsemoholo Los Angeles.

Tyla, o hapile kgau ena ka pina ya hae ya “Push 2 Start” tlasa Best African Music Performance.

Kgaung ena ke moo sebini sena seneng sena le dibini tse jwalo ka Davido, Burna Boy, Wizkid, Ayra Star ba Nigeria le ba bang ba bangata.

Ka kakaretso Tyla o se a hapile dikgau tse fetang 40 sedikadikweng sa mmino ka nako ya dilemo tse tharo.

Le haese yena fela mo’Afrika Boroa ya neng a thontswe dikgaung tsena, Tyla ke yena fela a hapileng.

Trevor Noah eo e neng e le motsamaisi wa mosebetsi, o hlotswe ke Best Audio Book, Narration, and Storytelling Recording ya Dalai Lama moo e neng e le mothongwa teng.

 

BALA HAPE: Tyla o roba rekoto e nngwe hape ya lefatshe