
Alphi Mkhwanazi o bapalla Smoke and Mirrors
Alphi Mkhwanazi o Etsa Lekgetlo la Hae la Pele ho Smoke and Mirrors.
Ho na le bartender e ntjha Royal Hotel Emnyameni. Hotele e tsebahalang e lutse torotswaneng ya merafo ya Emnyameni, ya Sis Martha a le mong feela.
Leha e ile ya tsebahala haholo ho banana ba maemong a hodimo, hoteleng, ka lebaka la bar ea yona ke sebaka se tsebahalang sa ho phomola le ho ithabisa.
Ka mora hore Magolide a tsamae, Martha o nnile a sokola ho fumana e mong.
Tim, Sipho le Mamiki ba ne ba batla ho hirwa bakeng sa mosebetsi oo.
Tim o ile a qetella e le monna ya fumanang kwetliso, empa o ile a lelekwa letsatsing la hae la pele, ka mora ho nwa mosebetsing.
O ile a susumetswa ke motswalle wa hae Sipho, hore anwe di shots tse mmalwa, mme ntho e latelang e ne e le hodimo.
Sparky Mkhize o kene e le moemedi ya phethahetseng, mme o kena e le monna e motjha bakeng sa mosebetsi.
Ka tjhebo ya dintho, dibapadi le boithabiso di se di tla fanwa.
Sebapadi sa metlae, sebapadi sa marangrang , moetsi wa ditaba le sengodi se qadileng se ntse se le teng selemong sena.
O qadile ho etsa divideo tsa Tiktok tse qabolang, ho fihlela a theha lebitso leo a leng lona kajeno.
Haufinyane tjena Alphi o ile a hlahiswa e le moamoheli wa lenaneo le letjha la nnete le bitswang ‘Stina Mzansi’.
Lenaneo la Mzansi Magic le bua ka lerato, botshepehi, bomenemene le metlae ya Alphi.
- BALA HAPE:Â Buhle Samuel e shebane le diqoso
Karolo ena e bapalwa ke sebini sa mefuta e mengata, Sipho Alphi Mkhwanazi.
- Translator:Karabelo Molapo
Etswa ho:Â http://Youthvillage.co.za
