
Sizok’thola e kgutlela thelevishining
Sizok’thola o Kgutla le Xolani Khumalo e le Moamohedi.
Morao kwana ka 2023, bashebelli ba Moja Love TV ba ile ba tsebiswa lenaneong la nnete le senyang botlokotsebe, Sizok’thola.
Pontsho ena e ne e bua ka ho pepesa barekisi ba dithethefatsi le baokamedi ba bona, ka mora moo, ba nehelanwa ho balaodi ba amehang.
Sebapadi sa TV, Xolani Khumalo e ne e le moetapele le sebohodi sa sehla sa pele sa lenaneo.
Hammoho le sehlopha sa hae, o ile a lontsha bonokoane le barekisi ba dithethefatsi.
Ka mora ho tsebahatsa baetsi ba ketso eo, ba ile ba Iswa sepoleseng.
Boemo bo thata ba Sizok’thola mabapi le Dithethefatsi le botlokotsebe bo ile ba tiiswa ke Tonakholo ya Gauteng, Panyaza Lesufi, eo le ena a ileng a thakgola letsholo la hae la ho lantsha dithethefatsi kgahlanong le nyaope.
Jwalo kaha ho ne ho lebelletswe, lenaneo le ile la fumana maikutlo a fapaneng ho tswa ho setjhaba.
Bashebelli ba bang ba ile ba utlwa eka Khumalo le moifo oa hae ba ile ba hanana le batho bao ho neng ho thwe ke barekisi ba dithethefatsi.
Ba beha lebaka la hore hangata barekisi ba manganga qalong, empa ka mora hore lenaneo le kgitle ho tswa diphatlalatsong, ba ba le tshebedisano mmoho.
- BALA HAPE: Don Mlangeni Nawa ha a sa phela
Sena se etsa hore ba fihlele qeto ea hore bashanyana baa shapuwa kapa baa hlokofatswa ho fihlela ba tswa ka nnete.
- Translator: Karabelo Molapo
- Source: http://Youthvillage.co.za
