Dj Fresh o lepa lebaka tabeng ya Phenduka

Ho behelwa ha sebohodi sa seyalemoya sa Kaya 959, Sol Phenduka ka thoko nakwana mosebetsi ho baka ditaba di hana ho fela.

Maobane Sol Phenduka o beheletswe ka thoko nakwana mosebetsi ha hontse ho etswa diphuputso tse keneletseng.

Kajeno re tsohile ka menyenyetsi e reng e kanna ya ba lebaka la sena ke qoso e hlahletsweng ke Minnie Dlamini kgahlano le Phenduka le MacGyver Mukwevho ya tsejwang ka MacG.

Bobedi bona ke bahasi ba Podcast and Chill mme ba ile ba bua mantswe a seng monate ka Dlamini mme yena o ile a lo hlahlela nyewe kgahlano le bona le ha mantswe ao a qotswa a bua ke MacG.

Le ha taba ena e sa nnetefatswa, lesedinyana la MDN News le phatlaladitse ha sebohodi sa mehleng sa Metro FM, Dj Fresh a hlalosetse ha lebaka la ho behelwa ha Phenduka ka thoko tshebetsong e le nyewe kgahlano le Dlamini

Nyeweng ena Dlamini o batla tjhelete e kalo ka R1 million ya tshenyo ya lebitso le R1.5 million e tla fuwa mokgatlo wa thekolohelo o kgahlano le tlhekefetso ya basadi le bana.

Ha jwale ho sa emetswe Kaya ho qeta ka diphuputso tsa bona tsa ka hare pele ho ka tsejwa ebang lebaka lena e fela e le lona sesosa kapa tjhe.

BALA HAPE: Kaya 959 e behela Sol Phenduka ka thoko