
SK Khoza o hlakisa menyenyetsi e ntseng e tswela pele
SK Khoza o beile rekoto ka mora menyenyetsi e ntseng e tswela pele ya hore eena le moenae, Abdul Khoza, ba tlohetse mosebetsi wa ho ba dibapadi .
Naledi ya Kings of Jo’burg e hlakisitse hore le ha ba ntse ba itokolla dibakeng tsa mosebetsi tse tjhefo, ha ba so ka ba itokolla leratong la bona.
Puisanong ya morao tjena, setshwantshisi se ile sa bua ka dikhopolo-taba tse ntseng di eketseha tse ileng tsa hlaha ka mora hore Abdul a phatlalatse hore o tlohela indasteri ya boithabiso.
Ho ya ka SK Khoza, qeto ya bona ha e mabapi le ho tlohela mosebetsi wa matsoho, ke ho hana ho amohela phekolo e fosahetseng.
“Ha re e-so qete ka indasteri ya boithabiso, empa re qetile ka mokgwa o itekanetseng,” SK Khoza a hlalosa.
O ka fumana karolo, ntho e nngwe le e nngwee e bonahala e lokile, mme o saena konteraka; leha ho le jwalo, dihlahiswa tse ngata di sitwa ho lefa batshwantshisi qetellong ya kgwedi ha ba ntse ba lebeletse hore ba sebetse.
O bontshitse pherekano mabapi le kamoo matlo a tlhahiso a atisang ho beha disebediswa, dibaka le thepa, ha a ntse a behella ka thōko batho ba tlisang dipale bophelong, batshwantshisi.
Kamora dilemo tse mashome a mabedi a le Johannesburg, SK o ile a senola hore o kgutlela Durban, motseng oa habo.
Mohato ona ke karolo ya pono e pharalletseng ya ho tsetela molokong o latelang oa talent ya lehae le ho dula a thehilwe setjhabeng se mo hodisitseng.
- BALA HAPE: Meme Ditshego o hlokahetse
“Ke hlolohetswee ho ba hae,” o boletse jwalo, a eketsa ka hore o ntse a hlahloba dikgwebo tse ntjha jwalo ka seea-le-moya mme o ikemiseditse ho kenela tlhahiso ya lehae jwalo ka Uzalo.
- Translator: Karabelo Molapo
