
DJ Maphorisa o qetetse a bua ka kamano ya hae le MACG
DJ Maphorisa o qeteletse a buile ka kamano ya hae le moamohedi wa Podcast le Chill Mac G, a beha menyenyetsi e ntseng e tswela pele lenaneong le hlakileng la Instagram Live le ileng la tsosa ngangisano inthaneteng.
Mohlahisi ya hapileng dikgau Dj Maphorisa o ile a hlakisa hore ha a na lehloyo kgahlanong le Mac G empa ha a ka a tsilatsila ho fana ka temoso ha ho tluwa tabeng ya ho sebedisana le podcaster ua buang ka mokgwa o hlakileng Histori ya bona e bile rollercoaster, ka nako e nngwe.
Mac G o ile a tshehetsa Maphorisa phatlalatsa hara diqoso tsa tlhekefetso, tse makatsang balatedi ba bangata.
Empa tsitsipano e ile ea boela ya hlaha ha MacG hamorao a bitsa Maphorisa e le “molebedi wa heke” indastering ya mmino, e leng leibole e sa kang ya tsamaya hantle le sebini sa Midnight Starring.
Nakong ya phatlalatso ya ditaba, Maphorisa o ile a amohela nako ya bona ya kgale empa a hatisa hore ha a na bothata le Mac G.
Leha ho le jwalo, o lemositse hore ho hlaha podcast ho ka ba kotsi: “Ho kotsi ho bua le eena hobane mantswee a moeti aa sotheha,” o boletse jwalo, a bua ka matshwenyeho a tshwanang le ao a a hlahisitseng nakong ya sakeng ya Scotts Maphuma.
- BALA HAPE:Â Kamogelo Modisha o qosa monna wa Lerato Kganyago
Ba bang ba thoholeditse mohlahisi ka ho e boloka e le ya nnete, ha ba bang ba ile ba mo eletsa hore a tlohele podcast ka ho felletseng.
- Translator: Karabelo Molapo
