
Don Mlangeni Nawa ha a sa phela
Emong wa dibapadi tsa terama naheng ya Afrika Borwa Don Mlangeni Nawa o se a iketse bo ya batho.
Setjhaba se sebisitswe ka lefu la motshwaantshisi wa mehleng Don Mlangeni Nawa.
O hlokahetse, Laboraro la 16 Mmesa 2025, a le dilemo di 65.
Lelapa la hae le ile la etsa phatlalatso ya semmuso. Ba mo hlalositse e le pelo ya lelapa, ntate ya lerato, moena le motswalle.
Lelapa le boetse le ananela seo Bab’ Don Mlangeni a neng a le sona lefatsheng.
Ba lebohile melaetsa ya matshediso e tswang ho basebetsi mmoho, balatedi le setjhaba ka kakaretso.
Dintlha tse mabapi le ditshebeletso tsa sehopotso le tsa lepato,di tla fumaneha ho setjhaba ka nako e loketseng.
Kaha a bile thelevisheneng bonyane dilemo tse mashome a mararo, motshwantshisi enwa wa kgale e ntse e le e mong wa difahleho tse hlokomelehang ka ho fetisisa indastering.
- BALA HAPE:Â http://Sizok’thola e kgutlela thelevishining
Ba bangata ba tseba Bab’ Don ka ho etsa setshwantsho sa Zebedee Matabane lenaneong la mehleng la SABC 3 la Isidingo. O phethile karolo eo ka dilemo tse 16.
- Translator: Karabelo Molapo
- Source:http://Youthvillage.co.za
