Generations: The Legacy e nka maemo a bobedi

Papadi ya thelevishene ya Generations the legacy e nyolohela maemong a bobedi dipaleng (soapies) tse shebellwang ka hofitisisa kwano Afrika Boroa.

Pale ena e kenang ka ho SABC 1 mantaha ho fihla labohlano ka hora ya borobedi bosiu, e dilemo e bapala kanaleng ena mme e tsebahana ka monyaka o sa feleng oo boholo ba nako o itshetlehileng lelokong la ha Moroka.

Generations e theotse pale ya Skeem Saam boemong ba bobedi jwalo ka ha e dutse ka palo e lekanyetswang ho 3.5 million ya batho ba e shebellang.

Boemong ba pele ho dutse Uzalo eo e sale e kotsomala semaratswana dilemo ka mora hore e tsibise le ho kena lenaneng la dipale kwano Afrika Boroa.

Moraong tjena Generations, e itshetlehile moo lepolesa Pele a leng mehlaleng ya Zwelakhe le diketsahalo tsa sebapadi sa kgale Vusi Kunene ya bapalang karolo ya Jack Mabaso wa sekebekwa.

Generations e sa tswa tsibisa difahleho tse ntjha lenaneng la bona la dibapadi ho etsa bonnete ba hore e dula e leng ya dipale tse matla tse shebellwang.

Hara tsona ho kenyeletsa Tinah Mnumzana ya bapalang Ali Luci, Nozuko Ntshangase ya bapalang Bualo, Phillip “Tipo” Tindisa ya bapalang Donald Brave le Sannah Mchunu ya bapalang Sis’Phindi MaNxumalo.

 

BALA HAPE: Muvhango o fihla pheletsong