
Sweet Guluva o ntsha Pina ya hae ya pele
Sweet Guluva o natefelwa ke di-gigs tsa boemedi tse nang le mabitso a kang All Gold.
Batshehetsi ba hae ba dula ba mo fa dimpho, ho etsa bonnete ba hore o phela ka lehlakoreng le bonolo.
Naledi ya nnete ya shou e boetse e bua ka di-gigs tse kgolo ho potoloha le naha.
Ho monate hakaakang ha Sweet Guluva a sa tswa ya ketsahalong, moo a ileng a boela a etsa pina ya hae e ntjha!
Pina e monate e bitswang Sweet Guluva, e tla phatlalla semmuso labohlano lena la la 6 Phuptjane.
Ho Pina ena, o sebeditse le DJ Zinhle, Nokwazi MaDlams Dlamini le Ndloh Jnr.
Sweet Guluva o ile a etsa pina ena haufinyane ketsahalong ya MTN Bushfire hammoho le Murdah Bongz.
Ha a nahana hore ena e ne e le papadi ya hae ya pele, o ile a sebetsa hantle haholo, nme letshwele le ile la thothomela.
- BALA HAPE:Â Nonku o tlohela Real Housewifes of Durban
Sweet Guluva ha a kgone ho ithiba ho feta phihlelo e ntle le e ikokobeditseng.
- Translator: Karabelo Molapo
