Isibaya e kgutla ho keteka Mzansi Magic

Pale (telenovela) ya Isibaya e kgutlela thelevishene tsa ma’Afrika Boroa ka mora dilemo-lemo e sa bonahale.

Pela ena e itshetlehileng bophelong ba maloko a borakgwebo ba ditekesi baha Zungu le Ndlovu, e kgutla ho keteka dilemo tse 15 tsa Mzansi Magic tsa tshebetso.

Isibaya ke engwe ya pale tsa pele tsa ho bapatswa ka ho Mzansi Magic mme e ile ya phahamisa bolatedi le dipalo palo tsa kanale ena.

Mzansi Magic, e ne e fanne ka monyetla ho balatedi hokgetha pale ya bona ya mmamoratwa eo ba ka e kgutlisang mme Isibaya ke ha e itlhoma ka pele disa tloha.

Motsamaisi wa menyakwe (Director) ya tsa selehae ho M-Net, Shirley Adonisi o hlalositse Isibaya jwalo ka thatohatsi wa ma’Afrika Boroa.

“Isibaya hase pale ya thelevisheneng fela, e ne e bapatsa setso se neng sele ka sehlohlolong sa ma’Afrika Boroa,” ho realo Adonisi.

Ho bapatswa ha pale ena e hapileng dikgau tse fetang 50 ka nako ya yona e tlabe e se ho keteka dilemo tsa Mzansi Magic fela empa le ho keteka ditho tseo e bileng karolo ya pale ena tse jwalo ka Menzi Ngubane (Judas Ngwenya), Andile Gumbi (Zweli Shezi), le mme Nandi Nyembe (Gog’Mkhithi).

Pale ena e tla qala ho bapatswa ka montaha wa la 22 Lwetse ka 18:30 kanaleng ya Mzansi Magic.