
Raditholo o kgutlela thelevishining ka Terama e ntjha
Gaosi Raditholo ke Motswana ya hlahetseng naheng ya Afrika Borwa, Mme o tsebahala haholo ka tshepiso ya neng a bapalla terama ya The River.
Radithlolo o qadile ho bapalla di terama ka Keeping Score e neng e ken aka SABC 2, dilemo tse fitileng tse supileng.
Hona jwale ese ele e mong wa dibapadi tsa terama tsa makgonthe, mme Radithlolo o dula a e phumanela mosebetsi jwalo.
Gaosi o bapalletse di terama tse kang bo Gomora, Muvhango, the Hot Zone, Vigrant Queen le tse ding tse ngata.
O kgutlela ho thelevishini ka terema a ntjha, ha ne selemo se qala, Gaosi Radithole o ile a bua mantswe a kgothatso ka yena.
“Ntho eo ke e ratang ka selemo se setjha ke hore setla le meyetla e metjha,” ho bolela Gaosi.
O buile Instagram hore e sale a emetse selemo se setjha, le ha ane a sa tsebe hore ebe se motswaretseng.
Gaosi o ile are ke motho ya nang le diroto tsa bophelo bah ae ebile o a kgolwa.
Ditoro tsa Gaosi hona jwale di ya phethahala, o ntse a thola sebaka sa mosebetsi ka mora mosebetsi o mong.
Gaosi ya nang le talente, ke e mong wa dibapadi tsa Genesis, terama a ntjha e pabalang ka ho Mzasi Magic.
Genesis ke terama e itshetlehileng haholo ho mmino wa sedumedi.
