
John Cena o beile mejafashe papading ya Wrestling
Sebapadi se tummeng lefatshe ka bophara sa Wrestling John Cena Jr. o beile mejafashe ka mora dilemo tse 24 a le papading ena e sa fapanang le ya ditebele (boxing).
Letswallwa lena la US, le iketseditse lebitso dilemong tse fetang 20 le ho hapa dipelo tsa bana le batho ba baholo ba neng ba latela papadi ena ya Wrestling.
Cena, ke se seng sa dibapadi tseo e bile karolo ya Wrestling dilemo tse ngata le ha The Undertaker, e le yena a ka hodimo ka dilemo tse 30 pele a beya mejafashe ka 2020.
Cena o lwanne dintwa tse fetang 2300 le ho hapa tse fetang 1800 mme yaba mpudi wa lefatshe makgetlo a 17 e leng se moetsang selwani se ka hodimo seo WWE e se ananelang.
Le ha a hlotswe ntweng ya hae ya ho qetela kgahlano le Gunther ka moqebelo, Cena o fumane tlotla e motshwanelang ho tswa ho dilwani tsohle tsa WWE le botsamaisi.
Maikutlo a ne a fapane jwalo ka ha tse ding tsa dilwane e le batho ba hotseng ba shebella Cena mme ba fumana le monyetla wa ho lwana le yena le ho mohlola.
Pele a tla beya mejafashe, Cena o ile a hlalosa ha a tla nka qeto ya mofuta oo ka lebaka la mmele o se o sitwa ke ho mamella tse ding tsa dintho tseo a lokelang ho feta ho tsona ka nako ya ntwa.
Le ha a beile mejafashe ho Wrestling, ha hwa hlaka e beng o tla tswelapele ho etsa ditshwantshiso (movies).
BALA HAPE:Â Tyla o roba rekoto e nngwe hape ya lefatshe
