Izingane Ze’sthembu e ya kgutla

Izingane Ze’SThembu Season III ese atametse.

Ke matsatsi a seng makae pele re bona bana ba Musa Mseleku ba kgutletse di-screens tsa rona.

Sne, Mpumelelo, Abongwe, Mpiloenhle le Lwandle Mseleku ba boetse ba nka bashebelli bophelong ba bona, e le bana ba hodisitsweng lelapeng la sethepu.

Ba kopane le Tirelo Kale, molekane wa Mpumelelo le baby mama.

Nako ya I le II ya Izingane Ze’Sthembu, di ile tsa tsepamisa maikutlo ho Mpumelelo le dikgarebe tsa hae.

Tirelo le Vuyo Nciweni, ba ne ba sa bonane ka mahlo, ehlile ba ne ba tlisa terama kopanong e nngwe le e nngwe.

Season II Vuyo o phatlaladitse hore o tlohela Mpumelelo, empa a ntse a le karolo ya lenaneo.

Sehleng sena, ho bonahala eka naledi ya nnete le tshusumetso e tswetse pele ka bophelo ba hae, nme e ke ke ya ba karolo ya sehla se setjha.

Ho tswa tereilareng e sa tswa dihuwa, ho bonahala eka Mpumelelo o ntse a le mothating w ho ba le balekane ba bangata kamoo a batlang.

Ke nnete hore sena se theha terama dipakeng tsa hae le molekane wa hae wa hajwale Tirelo.

Ka lehlakoreng le leng, Sne o ntse a e-na le mathata le lelapa la hae, mme jwalo ka ha a dula a ikutlwa eka ke motho ya lahlilweng, o tshepa hore sehla se setjha le sona se tla fa ditho tse ding pepeneneng.

Ho boetse ho ba hlahetse dintho tse ngata, mohlala, Mpilo o sa tswa qeta ho tswa Univesithing ya KwaZulu-Natal.

O ile a fumana lengolo la Bachelor of Social Science, a etsa hore balatedi bohle ba hae ba be motlotlo.

Ho boetse ho na le Abongwe, ya ithutang filimi Johannesburg.

O boetse o ikemiseditse ho theha ditaba tsa ho pheha, mme o bulehile haholwanyane ka ho ba karolo ea LGBTQ+community.

Moratuwa wa Lwandle, le ena a ka tswa ho cocoon ya hae sehleng sena, mme a fa bashebelli haholoanyane ka bophelo ba hae.