
Lebo M o arohana le Ntsala ka mora dikgwedi tsa monyaka
Mohlahisi ya hlwahlwa lefatsheng wa dipale e bile e le letswallwa la Afrika Boroa Lebo M, o arohana le molekane wa hae.
Lebohang Morake ya tsebahanang ka lebitso la Lebo M, o hlalane le mohatsae Mel Ntsala hape ka mora dikgwedi tse mmalwa tsa monyaka wa lerato.
Morake ya tsebahalang ka ho se senye nako maratong le ho nyala kgafetsa, o hlalositse ha dikamano tsa bona didukilwe ke ditaba tsa ditjhelete le hose be le nako e lekaneng mmoho ‘late night absences’.
Mohlahisi enwa wa Lion King le Ntsala base ba kile ba hlalana le ho leka ho kgutlelana le ha Morake a ile a nyala ka nako eo bantse ba arohane ka yona.
Morake o hlalositse ha a dumela leratong le go faneng ka lona mme ha batho ba tlohela ho dumela ho lona, ke letsatsi leo ba tlohelang ho lora.
Ditlaleho tse ding dikuma ha Morake ana le mathata a ditjhelete le mosebetsi mmoho le yena wa dilemo.
Tjhelete eo ho tlalehwang e ameha ke tjhelete e kalo ka R10 million le ha a hanne ho tshwaela ka yona le ho hlalosa a itukisetsa mokete o moholo e tla etsahalang Durban.
BALA HAPE:Â Sikelelwa Sishuba o hopola molekane wa hae Menzi Ngubane
