
Lerato Nxumalo o bitsolla banna ba Afrika Boroa
Sebapadi sa ditshwantsho le dipale Lerato Nxumalo o bitsa banna ba Afrika Boroa “bleak” ka mora ho nka kano le molekane wa hae wa Swedish.
Sebapadi sena sa ditshwantsho se hlalositse ha banna ba Afrika Boroa e se batho bao o ka ngollang hae ka bona kaha ba dula ba inahanetse tsa bona tse senang molemo.
“Ka bomadimabe hase kaofela re nang le bokgoni ba ho tlalatlala le mafatshe. Banna ba Afrika Boroa bana le ntho ya ho bapala ka basadi mme ba e etse tlwaelo le ho ikotla sefuba ka yona.”
Nxumalo o hlalositse ha banna ba sebele bale teng ka ntle ho Afrika Boroa mme bz fumanwa ka ho tlalatlala le lefatshe.
“Ka bomadimabe hase kaofela re nang le bokgoni ba ho tlalatlala le mafatshe. Banna ba Afrika Boroa bana le ntho ya ho bapala ka basadi mme ba e etse tlwaelo le ho ikotla sefuba ka yona.”
“Letangwana la marato Afrika Boroa le tletse mampetje. Ha o batla motho wa nnete le dikamano tsa nnete o lokela ho tlalatlala.”
Sebapadi sena sa Durban Gen, Scandal le Lingashoni, se sile batho ba maketse ka maikutlo a hae a akaretsang mme ba bang ba batho ho X ba botsitse ha e le mang yena hore a ka fana ka keletso ya mofuto o jwalo.
BALA HAPE:Â Rametlae Mpho Popps o nkile kano
