
Maikutlo a tswelapele ho fapana ka karohano ya Ntando le Bash
Maikutlo a ntse a tswelapele ho fapana ho marangrang ka mora hore baratani ba tummeng ho marangrang ba phatlalatse ba arohana.
Ntando le Bash baneng ba tsejwa ka ka “Couple ka Jesu” ba phatlaladitse mafelong a beke hore dikamano tsa bona difihlile pheletsong e leng se bakileng dipotso dihana ho fela.
Baratani bana bane ba rataneng dilemo tse hlano le ha ba tsebane dilemo tse nne, bane ba qeta ho tsibisa ha batshepisane lenyalo mme balatedi ba bona ba thabetse qeto eo.
Le ha hole jwalo, ba bang ba batho ba dumela ha tsena tsohle e le moretaoke wa ho tlosa dikamano tsa bona ho marangrang ka mora qeto ya hore batla nyalana.
E mong wa batho ba dumelang ha molaetsa wa karohano e le ho lahlisa mohlala, ke Sol Phenduka ya ngotse hore bobedi bona bo tlosa dikamano tsa bona ho marangrang.
Ntando le Bash, ba ile ba nka marangrang ka setsokotsane se makatsang ka dikamano tsa bona le kutlwano eo boholo ba batho ba neng ba e rata mme le bolatedi ba bona bo hotse ka sekgahla.
Le ha ba phatlaladitse karohano ya bona, bobedi bona bontse bo manehile ditshwantsho tsa bona maqhepheng a bona a marangrang e le se etsang hore batho ba bone e le moretaoke taba ya karohano ya bona.
BALA HAPE:Â Melaetsa ya ditakaletso tsa pholo e tswelapele ho finyella ho Makhadzi
