Titus Mokou ore ha a sa utlwana le molekani wa hae

Mohlohlelletsi wa ditaba tsa setjhaba Titus Mokou o re eena le molekane wa hae Stefanan Mokholoane ba arohane.

Sena ke ka mora hore balatedi ba hlokomele hore ha ba sa beha hammoho leqepheng la bona la kopanelo le maqepheng a hae a marang-rang.

‘Ke ne ke fofaditswe haholo ke lerato’ — Titus Mokou o senola hore ho qhekella ke hona ho fedisitseng kamano ya hae.

Titus o ile a arolelana video ho Instagram ya hae ka Sontaha, a re lebaka la ho arohana ha bona ke hore molekane wa hae o ne a ameha le balekane ba bangata ka mora hae.

“Nna le Stef ha re sa le mmoho, E se e le kgwedi le dibeke tse mmalwa.

Ha ke batle ho kena dintlha tse ngata. Seo nka se buang ke hore ho ne ho e-na le borokg ba ho tshepana.

Jwalo ka ha ke sa batle ho penta motho e le molotsana, karohano e ne e se ya bobedi, karohano e ne e sa hlweka mme se nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa, empa ke ne ke ikutlwa ke se na kamano ya setjhaba ha ke ne ke e-na le tlhompho.

ke ne ke etsa poso ena, ke le bontsha banna ka rona le tseo tsohle, ho na le dintho tse ngata tse etsahalang tseo ke neng ke sa di tsebe. ”

Titus o ile a re o utlwile bohloko hobane o ile a tsetela kamanong ya dikgwedi tsa 11, a tsebisa lelapa la hae Stefano, mme a dula le eena.

“Ke ne ke sa elellwe hobane ke ne ke foufalitswe ke lerato. Ke utlwa hore seriti sa ka le botumo ba ka bo ne bo sa hlomphuwe hobane motho enwa o ne a tseba hore na ke mang metjheng ya ditaba tsa setjhaba.

O ne a tseba hore kamano ya rona e ne e le yaa setjhaba, mme o ile a etsa qeto ya ho etsa dintho le batho ba bangata a tseba hore batho ba tseba ka rona.

  • Translator: Karabelo Molapo