
McKenzie o hlapanya ho nka mehato ya molao
Letona la dipapadi, bonono le setso e bile e le moetapele wa Patriotic Alliance (PA) Gayton McKenzie, o hlapanya ho nka kgato tsa molao kgahlano le Open Chats Podcast.
Sena ka mora kgatiso e hlaheletseng e nyenyefatsa le ho nyefola morabe wa batho ba mmala kwano Africa Boroa. Kgatiso ena e hlaheletse masedinyaneng ho utlwahala nyefolo bathong ba mmala le ho bitswa ‘mahlanya‘
Mantswe ana a seholotswe ka matla ke baetapele ba dipolotiki, mekgatlo ya baahi le baahi ka kotloloho.
Kgatisong eo a e entseng, McKenzie o seholla lesedinyana le ho hlalosa hore le na le kgethollo ya merabe.
“Ke batla tlaleho kajeno ya hore retlo sebetsa jwang le batho ba reng batho ba mmala ke mahlanya.
Mehatlo kaofela e tla latelwa, re tlo sebetsa ka bona semolao.”
McKenzie o tshwetse pele ho tswetse pele ho seholla seo a reng ke lemao le ntlhapedi kgethollong ya merabe. McKenzie o re mantswe ao a ne a tla nkelwa hloohong ebang a ne a tobile morabe o mong.
Moetapele wa PA wa lebatowa, Liam Jacobs o ntshitse maikutlo;
“Kgatiso eo e bohloko. Ho lokelwa ho nka mehato. Ho beng ba lesedinyana; e yang le lo bala, le ithute ka batho ba mmala. Ha re mmutla-kotlwa-tsebe.
Mokgatlo wa Democratic Alliance (DA) o tlalehile lesedinyana lena ho South African Human Rights Commission (SAHRC) ka sello sa hore ke puo ya lehloyo, ho nyefolang le ho nyatsa.
“Re etse hloko kopo ya tshwarelo empa kopo ya tshwarelo fela ha e hlakole tshenyo e bakilweng,” ho hlalosa DA.
Mokgatlo o hlalosa ha tokoloho ya puo e lokela ho etsa ka boikarabelo.
Ho arabela ditshehollo, Open Chats e ntshitse molaetsa wa kopo ya tshwarelo ya ba tlosa kgatiso eo masedinyaneng “ne re sa ikemisetsa ho baka tshenyo” ba tshepisa dipuisano tse hlomphehileng ho ya pele.
Mokgatlo wa baahi wa Cape Forum o nyatsitse lesedinyana lena wa ba wa etsa boipiletso ho SAHRC ho fuputsa:
“Ketso ena ya senya le ho nyenyefatsa. Re batla diphuputso le kotlo.”
Ketsahalo ena e kgutlisitse taba ya kgethollo ya morabe setjhabeng, maikarabelo le meedi ya bolokoloho ba puo setjhabeng.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE:Â Boity o teyana le mathata leetong la hae Barcelona
