
Mme wa sebini o hopola mora hae ho keteka letsatsi la tswalo
Mme wa sebini sa mmino wa Hip Hop le Rap se bolauweng ka sehlopha Lynn Forbes, o hopotse mora hae ka letsatsi leo a tswetseng ka lona.
Lynn eo e leng mme wa Kiernan AKA Forbes, o hopotse mora wa hae ka ho ngola molaetsa o amang maikutlo ho marangrang e le ho hopola mora hae.
AKA, o ile a kgaolelwa ditshiu ke batho ba sa tsejweng a le sebakeng sa ho tshela mafura KwaZulu-Natal ka di 10 Hlakola 2023.
Sebini sena sa Pina ya Composure, Sim Dope, Run Jozi le tse ding, o ne a tla qeta dilemo tse 38 e bang ane a ntse a phela.
Lynn o ngotse tse ding tsa diketsahalo tse mohopotsang mora hae ka nako eo e neng e ntse le lesia le ha se a hodile.
Re bile le metsotso e mengata, e bohloko le e monate empa matsatsing a na ke kgetha e monate,” ho realo Lynn.
“Setsheho sa hao, meqoqo ya rona le thabo ya hao haone ona le maano a matjha. Ke naha ka metsotso eo re bileng le yona le tsohle tse entseng hore o dule o le ngwana.”
Lynn o phethetse molaetsa wa hae ka hore AKA o tla dula a le pelong ya hae.
“Always in my heart,”
