
Phelo Bala o kene leetong le letjha ntle le dithethefatsi
Kamora ho Phetha Lenaneo la ho Phodisa Tshebeliso e Mpe ha dithethefatsi.
Phelo Bala e Ikemiseditse ho dipheo tse ding.
Le hoja a ne a se a ntse a hlahella, ba bangata ba ile ba mo tseba haholwanyane ho tswa lenaneong la nnete la Bala Family.
Phelo Bala e ne e le setho sa lelapa se neng se le mathateng ka ho fetisisa dihlang tsena tse pedi.
Ka sehla sa II, Phelo o ile a bontsha motho ya nang le bothata.
O ile a sebedisa jwala hampe, e leng se ileng sa ama mosebetsi wa hae.
Dintho di mpefala le ho feta, ha sebini le Naledi ya nnete ya show e ne e tahilwe lepatong la malome wa hae.
Esita le bashebelli ha baa ka ba kgahlwa ke boitshwaro ba hae, bo neng bo bontsha ho se hōle le ho hloka tlhompho. Bana ba habo le mme wa hae ba ile ba leka ka hohla hore a kgaotse ho nwa jwala mme a itlhokomele, empa ba hlōleha.
Ntho e ntle ke hore Phelo o sebeditse matemona a hae, mme o ntse a sebetsa hantle haholo.
O sa tswa bolela hore o phethetse lenaneo la hae la ho hlaphohelwa ke dithethefatsi.
Ho na le ho feta. Phelo o kena mathateng a matsatsi a 30 a ho fetola mmele. Sena ke ho bontshs boitlamo ba hae ba ho kgalemela, ho hatella meedi, le ho hlompha mmele wa hae.
“Enwa ke nna ya tala,wa sebele, nme o itokiseditse ho nka kgaolo e latelang ea phetoho ya ka.Kajeno ke qaleho ya phephetso ya ka ya phetoho ya mmele ya matsatsi a 30.
Hase feela ka phetoho ya nmele empa ka ho amohela tayo, ho hatella meedi, le ho hlompha mmele oo Modimo a ntlhohonolofaditseng ka ona.
Ho nna, leeto lena ke sesupo sa boitlamo ba ka ho bophelo bo botle, bophelo bo botle le ho phela ka sepheo.
Ke taba ya ho itlhahisa letsatsi le leng le le leng, ke tseba hore kgolo e etsahala ha re tswa dibakeng tsa rona tsa boiketlo.
Haeba o le tseleng e tšhwanang—ebang ke ho phela hantle, ho hlaphohelwa kelellong, tumelo, kapa ho itlhahloba—tseba hore ha o mong.
Ha re tsamaeng tseleng ena hammoho, letsatsi le le leng ka nako.
- Translator: Karabelo Molapo
Etswa ho: http://Youthvillage.co.za
