Mohlahisi wa pina ya Can’t Get o siya lefatshe

Mohlahisi wa dipina e bile e le setho wa Wanitwa’Mos Entertainment, Pontsho Casswell Ramothwala ya neng a tsebahala ka lebitso la Casswell P, ha a sa phela.

Mohlahisi enwa wa pina tse jwalo ka ‘Can’t Get le Nako Tsela’, o kutse ha kgutswane le ho kena bookelong ba Edenvale ka bohloko ba matswafo pele a hlokahala.

Letswallwa lena la Lekwareng (Bolobedu) profenseng ya Limpopo, o sebeditse le dibini tse hlwahlwa sedikadikweng sa mmino tse jwalo ka Nkosazana Daughter, Donald, Makhadzi le mothehi wa Wanitwa’Mos, Master KG.

Motswalle wa Casswell, Tebogo Mokitimi o hlalositse ha Casswell a ne a sa tsubi le ho nwa mme a kutse ka potlako mme dingaka tsa hlalosa e le matswafo.

O bile le bothata ba tshohanyetso ba ho hema mme dingaka tsa hlalosa ha e le bothata ba matswafo (respiratory complications and lungs issues)”.

Setho sa tsamaiso ho Wanitwa’Mos Dineo Dhlamini, o hlalositse ho hlokahala ha Casswell e le tahlehelo e kgolo.

“Retlo hopola boteng ba hae, bokgoni, bohlale ba hae mminong le botho ba hae.”

Ratang Lioness ya sebeditseng le Casswell, o mohlahisi jwalo ka motho ya fetotseng bophelo ba hae mme bane ba lokela ho etsa mmino o mong.

Matshidiso a tswelapele ho kena lelapeng la Ramothwala le ho metswalle le basebetsi mmoho le mohlahisi enwa.

 

BALA HAPE: Tebogo G Mashego o seholla DJ Karri