Nadia Nakai o kgina mesebetsi ho kenela mohwanto

Sebini sa mmino wa Rap le Hip Hop Nadia Nakai, o hlalositse ha a tla tlohela ntho tsohle tseo a neng a lokela ho dietsa ka labohlano [21 Pudungwane] ka lebaka la mohwanto.

Nakai o hlalositse ha a tla nka karolo mohwantong o moholo o reretsweng ho etsahalang Afrika Boroa e le letswao la ho ema kgahlano le tlhekefetso ya basadi le bana.

Mohwanto ona o hlophisitsweng ke Women for Change, o reretswe ho romela molaetsa o matla kopanong e tla qala y G20 le ditho tsohle tse tla nka karolo ho yona.

Nakai ya neng a lokela ho ntsha pina, o hlalositse ha le yona e tla ema jwalo ka ha e tlaba karolo ya mohwanto.

Ke ne ke lokela ho ntsha pina moo ke sebeditseng le Nasty C ka la 21. Letsatsi leo le kgethowe kgale empa ke lokela ho e fanyeha nakwana ka mabaka a utlwahala,” ho realo Nakai.

Nakai o hlalositse ha mesebetsi yohle ya hae ya labohlano e phumutswe le ho hlalosa a tla ntsha pina ka la 28 Pudungwane.

Mohwato ona, o tla emisa ditshebeletso tsii! Bakeng sa metsotso e 15 ho tloha ka hora ya 12:00 mme dibaka ka ho fapana dilebeletswe ho nka karolo le ho hwanta ka ho fapana.

 

BALA HAPE: Amanda du-Pont o etsa nyehelo ho Women for ChangeÂ