
Presley Chweneyagae (Cobra): Ha sa phela
Presley Chweneyagae se bapadi sa mankgonthe sa di terame o hlokahetse.
A sia sethaba sa bonono se utlwile bohloko.
Chweneyagae o ile a tuma ka karolo ya hae ya pele filiming e hapileng Oscar “Tsotsi” (2005), a bontsha bokgoni ba hae bo ikgethang ba ho bapala.
Papadi ya hae e tala, e monate e ile ya hohela bamamedi ba lefatshe lohle, mme a hapa Kgau ya Lenaka la Kgauta bakeng sa Filimi e Ntle ho Fetisisa bakeng sa karolo ya hae ho Tsotsi.
Chweneyagae o ile a tswela pele ho kgahlisa bamamedi ka dikarolo tsa mananeo a TV jsalo ka “The River” Mme a tsebahala ka “Cobrizi,” a bontsha matla a hae a fapaneng le a ho hlaka.
Ho “The River,” o ile a bapala karolo ya Thuso “Cobra” Mokoena, a tlisa botebo le maikutlo a mangata ho sebapadi se rarahaneng.
Karolo ha hae ha dinaledi letotong la dipapadi tse 13 “Cobrizi” ka 2025 e ile ya tiisa boipiletso ba hae bo sa feleng.
Leha a tobane le dikgang, ho kenyeletswa diqoso tsa tlhokomelo ya bana e sa lefueng le sekgobo sa ditjhelete se amanang le motheo wa hae.
Chweneyagae o ne a tsebahala ka ho fana ka seatla se bulehileng, boinehelo ba hae mosebetsing wa hae, le boitlamo ba ho fana ka boeletsi ba talenta ba batjha.
Lefa la hae le tla ketekwa ke barati le basebetsi mmoho le yena, mme kgahlamelo ya hae dibaesekopong tsa Afrika Borwa e tla hopolwa dilemong tse tlang.
- BALA HAPE:Â Trevor Noah ha thabela se builweng ke Viola
Maemo a lefu la hae a ntse a sa hlaka, mme ho letetswe polelo e tswang ho lelapa la hae.
- Translator : Karabelo Molapo
- Etswa ho:Â http://Sunday World.co.za
