
Nyewe ya Katlego Chauke e buseditswe morao hape
Nyewe ya sebini sa mmino wa lekompo Katlego Shebe Mabena Chauke, e kgutliseditswe morao hape ka mora dula lekgotleng le phahameng la dinyewe la Polokwane.
Shebe o tshwerwe ka la 12 Pudungwane a tshwarelwa ho thunya motho le ho otla ka maikemisetso a ho ntsha kotsi mme diqoso tsa hae ntse ditswela ho nyoloho le ha a le ditlamong.
Sebini sena se dilemo di 30, se hlaheletse ha kgutswane ka pele lekgotla moo botjhotjiso bo tsitlalletseng ho hana ka bail.
Kopong ya bail, Shebe o hlalositse ha e le yena a sebetsang a le mong lapeng labo mme e le yena a thusang ka dihloko tsa lelapa.
Chauke o tswetse pele ho ngola ha a lokela ho fumana bail ka ha moratiwa wa hae wa dilemo a le haufi le ho beleha leseya la bona kgwedi e tlang.
Leqwetha la Chauke le lona, le hlalositse ha mmuelwa wa lona a lokelwa ke bail ka ha o na le ngwana wa dilemo tse 8 eo a mothusang ka ditjhelete le ha a dula le mmae.
Nyewe ena, e tjhetjhiseditswe lekgetlo la boraro mme lekgetlong lena e tjhetjhiseditswe ho la 8 Tshitwe ho utlwa e bang Mabena o tla fumana bail kapa tjhe.
BALA HAPE:Â Nyewe ya Shebe e tla kgutlela hape lekgotleng
