Denise Zimba ore e kare nako e ka kgutlela morao

Denise Zimba o ikwahlaela tse ding tsa dikgetho tsa hae kaha jwale li ama bana ba hae.

Hajwale Denise Zimba o feta hara toro e mpe ya mme e mong le e mong.

Baradi ba hae ba babedi a sa tswa ho ba amohuwa, mme hona jwale ba dula Jeremane, moo ntata bona a tswang teng.

Lelapa le phethahetseng leo a neng a ikahela lona le ile la putlama ka mora hore ho se tshepahale ho kene lenyalong la hae.

Selemong se fetileng, ho ile ha totobala hore Denise le monna wa hae Jakob Schlichtig ba ne ba tsamaya ka thata.

O bile a tlosa ditaaba tsa hae tsa lenyalo le ditaba tse mabapi le Jakob metjheng ya hae ya ditaba tsa setjhaba.

Qalong Denise o ile a senola ho Twitter  bomenemene bo bohloko boo a ileng a tobana le bona ha a fumana hore Jakob, o ne a qhekella le motswalle wa hae wa bongwaneng, Mpumi Mdluli.

Jwalokaha eka ha hwa lekana, ka Hlakubele, Lekgotla le Phahameng la Johannesburg le ile la etsa qeto e emelang Jakob, bakeng sa tokelo ya molao ya ho hodisa bana ba bona ba babedi, Mila le Leah.

Kahlolo ena e mo dumelletse ho kgutlisetsa baradi ba bona, ba dikgwedi di 19 le ba dilemo di hlano, Jeremane.

Hona jwale ba arohane le mmè wa bona Denise.

Leha ho le jwalo, Denise esale a leka ho ba le pono e nepahetseng, ho na le matsatsi, o utlwa bohloko.

Kgweding e fetileng, o ile a ya metjheng ya ditaba tsa setjhaba a hlalosa kamoo ho arohana le bona ho mo etsang hore a ikutlwe kateng.

O sa tsoa arolelana poso e nngwe e amang maikutlo ho Twitter , lekgetlong lena a nka boikarabello bakeng sa tse ding tsa dikgetho tsa hae.

“Ha ke eso bue le bana ba ka hoo e ka bang dibeke tse pedi … ho ikwahlaela ha ka ho hoholo ke ho kgetha phoso le hore bana ba ka ba phele le diphello tsa liketso tsa ka” Ho Hlalosa Denise.

  • Translator: Karabelo Molapo