
Nyewe ya Shebe e tla kgutlela hape lekgotleng
Sebini sa Limpopo Katlego Chauke ya tummeng ka lebitso la Shebe Mabena, o hlaile ha kgutswane lekgotleng la dinyewe moo diqoso kgahlano le yena diatolositseng.
Shebe, o ile a tshwarwa pejana kgweding ena ka qoso ya teko ya polao le ho otla ka maikemisetso a ho ntsha kotsi mme a hlahela lekgetlo la dinyewe.
Nyewe ya hae e ile ya tjhetjhisetswa e le ho bokella bopaki kgahlano le sebini sena sa pina ya Ambulance le tse ding.
Ka la 25 Pudungwane, Chauke o hlaheletse lekgotleng la dinyewe moo a neng a etsa kopo ya bail mme diqoso kgahlano le yena diatolositseng ho tloha ho tshelela ho isa ho robong.
Chauke ya neng a ntse a le kantle ka bail ka nyewe e nngwe e fapaneng, o ile a thunya e mong wa bapami eo ha jwale a ntseng a le bookelong ka mora ketsahalo ena.
Botjhotjiso bo hlalositse ha nyewe ya Chauke e le hlokolosi le ho ba ‘Schedule 6 offence’ moo moqosuwa a lokelang ho hlalosa mabaka a kopo ya bail.
Nyewe ena e kgutliseditswe morao hape ho la 27 Pudungwane moo moqosuwa a tla tswelapele ho etsa kopo ya bail.
Chauke e tla tswa a sale ditlamong ho fihlela ho utlwahala e bang o fumana bail kapa tjhe.
BALA HAPE: Shandesh o hapa kgau ya pina e ratwang
