Boity o teyana le mathata leetong la hae Barcelona

Kgalala ya Marangrang, Boity Thulo o kopana le mathata a le dijong, leetong la hae Barcelona, Spain.

Ho se utlwane ha mantswe ho bona leqepheng la Boity la Instagram Live. Boity ya neng a sithabetse maikutlo o hlalosa balatedi ba hae diketsahalo. “Ha ke ya etsa. letho empa ba tsheha [ho bitswa ditlhapa].

“Ke hloile basadi ba makgowa, ke dimaumau,” ho utlwahala Boity kgatisong ya neng a tobale le mathata.

Kgatisong ho utlwahala lentswe la monna le leka ho motheola maikutlo

Ke kopa o theole moya.

Boity o wa botsa “ba bitsa security hobane ke motsho?”

Le ka mora tsohle, Boity o ile a netefaletsa ba latedi ba hae hore o hantle.

“Ke hantle, ke kopa tshwarelo.”

Metsotswana ka mora moo, Boity o utlwahala a botsa motho pela Khemera “Ska tlo qhokolana le nna le wena”

Balatedi ba hae ba ne ba mokgothaletsa ho theola moya le ho lebala ka seo.

“Ke hantle. Empa fela e se ntho e ntle, haholo jwang kesa etsa letho.”

“Hobane o itshwara jwalo? Ha nna ke arabela, bohle le mathela ho mosadi moholo wa lekgowa?”

Hara tseo tsohle, leeto la Boity le bile le ditholwana tse monate

Pejana ho leeto la hae la Europa, Boity o ne a le ho kanale ya SABC 1’s Deal or No Deal Celebrity edition. Moo ke moo a hapileng R40,000 bakeng sa mokgatlo wa bana wa ‘Jumping Kids’. Mokgatlo o na o thusa bana ba ditlhoko tse ikgethang tse fapaneng.

Diteboho ho tlholo ya Boity ho Deal or No Deal. Jumping Kids e se e fitile sekepele sa R300,000 sena ke phihlello le bopaki ba mesebetsi e metle ya ho tlisa phapang.

 

BALA HAPE: Liema Pantsi o ipabola dikgaung tsa Basadi in Music

Translator: Kabelo Lehasa