
Pebetsi Matlaile o bua ka mathata a hae
Pebetsi Matlaila, motshwantshisi wa mehleng wa Skeem Saam, o kenelletse palo e ntseng e eketseha ya dibini tsa lehae tse nang le mathata indastering ya boithabiso ka Hlakubele.
Pebetsi ke mong wa batho ba seng bakae ba ileng ba bolela phatlalatsa hore o ne a se na bodulo, mme o dula sebakeng sa bodulo ntle le mathata a ditjhelete.
Pebetsi ya tsebahalang ka Mokgadi Matloga terameng yaSkeem Saam, o boletse puisanong e kgethehileng le Sunday World hore ha a na moo a ka yang teng, kahoo o ile a fallela sebakeng seo sa bodulo.
“Ka nako eo, ke ne ke ntse ke sebetsa seteisheneng sa sea-le-moya empa ke etsa lenaneo le le leng ka beke, mme bonyenyane boo ke neng ke bo fumana bo ne bo sa lekana ho lefella rente” Ho rialo Matlaila.
Motshwantshisi enwa o ile a senola hore ho tloha ha ngwana wa hae wa bobedi, eo hona jwale a leng dilemo di tharo a hlaha, mmè wa hae o nnile a ikemisetsa ho mo thusa.
“Ditho tsa lelapa di ile tsa qala ho mpona ke le morwalo le kamoo boima ba ka bo neng bo le boima hoo mmè a neng a ka sitwa ho bo jara le kamoo ke neng ke hatella Mmè kateng”, Ho Hlalosa Pebetsi.
O re: “Ba ile ba mpolella hore ke amohele hore ha ke sa le motho ya tummeng, ke nyenyefatse bophelo ba ka, mme ke kgutlele hae.”
- TRANSLATOR: Karabelo Molapo
