
Shawn Mkhize o kgutlile, o ntsha maikutlo
Shawn Mkhize a tsebahalang ka lebitso la Mamkhize o ntsha maikutlo a hae ka mora moferefere wa ditaba tsa Royal AM.
Balatedi ba hae ba ne ba tlwaetse ho mmoa a maneha dintho ho marangrang.
Shawn Mkhize o kgutlile mme o ile a fana ka matswe a kgothatso ho dima ha senepe sa hae seo aneng a se manehile Instagram.
Mamkhize one a tlwaetse ho bolella balatedi ba hae ebile a ba bontsha bophelo boo a bo phelang empa tseo kaofela ka mora hore ba lekgetho ba mohlasele.
Ho ile ha hlahella ditaba tsa hore Mamkhize o kolota lekgetho tjhelete e kalo ka di milione tse 37.
Ha di tswela pele ditaba hoi le ha hlahella hape hore dibapadi tsa sehlopha sa hae eleng Royal AM e ile tsa kena mohwantong ka lebaka la ho se lefellwe.
Dibapadi tsa hae ha di ya ka tsa kgutlela boikwetlisong ka mora nako ya ho phomola.
Mme hona ho ile ha etsa hore papadi ya sehlopha sena le Chipppa United e tjhethiswe.
Sehlopha sena se ile sa kopana hape le mathata a hore se seke sa thola monyela ho FIFA.
Tsena ke ka lebaka la sekolo seo ba neng ba ena le sona ho Samir Nurkovic sa di milione tse 15 ho kenyelleditse le tswala ya teng.
Dintho di la ba mpe haholo lehlakoreng la Mamkhize.
Mme e tsena kaofela di ile tsa etsa hore batho ba lekgetho ba qetelle ba beile sehlopha sa hae mmapeng hore batho ba batlang ho se reka batle ba itlhaise.
Translator: Karabelo Molapo
Source: soccerladuma
