R Kelly ho tlhodisano ya ‘Residuals’ 

R Kelly o tsositse di kgang ka mora hore a nke karolo ho di tlhodisano ka residuals a ntse a le tjhankaneng.

Sebini sa R&B se ahlosetsweng dilemo tse  tjhankaneng ka mora ditlolo tsa molao tsa thobalano ya bana o ile a hadisa mofuta wa hae ya pina ya Chris Brown e leng Residuals.

Moetsi wa pina eleng Rodney L.East o ile a arolela batho pina ka marangrang a bitswang Instagram.

Balatedi ba bile le maikutlo a fapaneng, ba banfg ba rorisitse ho kgutla ha morena wa mmino wa R&B. 

Ha ba bang bona ba nyatsa taba ena ebile ba hanana le taba ya hore R Kelly o tlameha ho fuwa sethala. 

R Kelly ya dilemo tse 58 o ile a leboha mbalatedi ba hae haholo ka tshehetso eo ba mofileng yona mme a boela a bolela hore ha lokelang hoba tjhankaneng.

Teko ya ho kgutla!!

Batho ba bangata ba bona sena e leboiketo ba ho tsoseletsa mosebetsi wa R Kelly.

Mme sena se tshwana hantle le ka moo sehlopha sa Chris Brown se ileng sa tsoseletsa setshwantsho sa hae ka mora hore a hlasele Rihanna ka selemo sa 2009.

Motsamaisi wa mehleng wa Chris Brown, Tina Davis, o boletes hore ba ile ba sebedisa Mix tape mme ba sebedisa mmoho hore batle ba kgutlisetse  Chries Brown Moeng.

Ka mora matsapa ohle, Chries Brown o ile a sebetsa ka thata mme a hlahisa dipina tse ngata tse kenyelleditseng le pina ya hae ya selemo sa 2010 ya Deuces e ileng ya tsoseletsa bo teng ba hae.

Ho kenya letsoho ha R Kelly ka hara tlhodisano e na ho ile ha tsosa dipotso tse ngata hore na ebe o leka ho etsa se tshwanang le sa Chris Brown Na.

Empa le ha hole jwalo maemo a bona ha a tshwana hobane Chris Brown ena ha ka a fella a le tjhankaneng.

Kellly o tobane le tsela e thata ya topollo ya setjhaba, ho kgutlela ha hae mmino ho ntse ho tswela pele ho arola maikutlo a batho ba mminong.