
Sebini sa Limpopo se ameha kotsing ya koloi
Sebini sa profenseng ya Limpopo se tummeng haholo la mmino wa Lekompo Kharishma, se amehile kotsing ya koloi hoseng ha labohlano.
Sebini sena seo mabitso a sona ka botlalo e leng Melita Makoma Ribane, o ne a na le metswalle ya hae e mmedi ha batla ameha kotsing.
Kotsi ena e etsahetseng mmileng wa Grobler le Magasyn e fitileng ka bophelo ba mopalami a le mong le ho siya ba babedi bale mahlabeng ho kenyeletsa le yena Kharishma.
Leloko la Kharishma le kopile ho se ntshe mabitso a batho ba neng ba paleme le Kharishma ho tshireletsa le ho emela ba maloko ho tseba semmuso.
Sebini sena sa pina e ratwang haholo ya Chokeslem le tse ding, ke se seng sa dibini tsa Limpopo tse iketseditseng lebitso le ho nka sedikadikwe sa mmino ka setsokotsane se makatsang.
Lengolong la bona, leloko le tsibisitse ha ‘Khari Mama’ a le bookelong mme a fumana thuso ya maemo a hodimo hotswa ho dingaka Polokwane.
Leloko le ananetse tshehetso le melaetsa eo ntse ba e fumane ya ho lakaletsa moradi wa bona pholo le bophelo.
Sebini sena ke sa bobedi sa Limpopo ho ameha kotsing moo mopalami mmoho a lahlehetsweng ke ke bophelo ka mora hore Chymamusique a amehe kotsing.
BALA HAPE:Â Kaylow o ntse a hlaphohelwa hantle
