
Skuzabell e ba karolo ya Jozi FM nakwana
Sebohodi sa mehleng sa Lesedi FM Nkunyana Nkunyana ya tummeng ka lebitso la DJ Skuzabell, o phatlaladitse e tlaba karolo ya Jozi FM.
Skuzabell ya tummeng ya mmino wa Soul le RNB, o tsibisitse sena ka leqhephe la hae la Facebook e le ha a qhwaya barati ba hae hore base makale.
Mothehi enwa wa seyalemoya sa online sa Beezy FM, o tsibisitse ha tsena tsohle dikeke tsa ama tshebetso ya seyalemoya seo a se thehileng ka mora ho fellwa ke mosebetsi ho Lesedi.
Skuzabell o ile a nyaolwa ka mora ditlaleho tsa kgatikelo ya melawana ya tshebetso le hore o etse motlae ka tlhekefetso ka mora ho ba ditaba ka tlhekefetso.
Ka mora karohano ya hae le Lesedi FM, letswallwa lena la Qwaqwa le ile la boela lapeng mme la qala seyalemoya seo ha jwale se holang ka hofitisisa ka hara naha.
Skuzabell o tsibisitse ha a tla etsa lenaneo a matsatsi a phomolo hara beke ho tloha ka 12:00 ho fihla ka 15:00.
Tshebetso ena, e tla qala ka kotloloho ka mantaha wa la 22 Tshitwe ho fihla ka letsatsi le sa phatlalatswang la kgwedi ya Pherekgong.
BALA HAPE:Â Melaetsa ya matshidiso e tswelapele ho kena lapeng la DJ Warras
