
Tebogo G Mashego o tlalletswe ke naha Nigeria
Sebini sa Afrika Boroa Tebogo G Mashego, o tlalletswe ke naha ka mora ho leba Nigeria le metswalle eo ha jwale a reng e mofetohetseng.
Sebini sena sa pina ya ‘Biri Marung’ e ileng ya hapa dikgau tsa pina ya selemo ka 2024, se kopa thuso ya dikoleke batshehetsing hore a reke tekeke ya sefofane a kgutlele lapeng.
Letswalwa lena la Bushbuckridge profenseng ya Mpumalanga le dilemo di 22 mme o tsejwa ka mmino le bophelo ba sejwale jwale ba diaparo le bophelo bo bonolo ‘soft life’.
Mashego o lebile Nigeria ka la 10 Lwetse mme o qadile dinaheng tse jwalo ka Rwanda ho etsa matsatsi pele a ka leba Nigeria ka kotloloho.
Matsatsi pele ho kgatiso ya ha tlalwa ke naha, Mashego o ne a bontsha bophelo bo bonolo ‘soft life’ ba Nigeria le Rwanda mme ka morao hwatla kgatiso e siileng ma’Afrika Boroa a maketse.
Mashego o lla ka hore ha a so fumane ditjhelete tsa pina ya hae ya Biri Marung e ileng ya nka Afrika Boroa ka setsokotsane mme o sola batho bao a sebeditseng le bona pineng eo.
Ba bang ba batho ba bonahetse ba utlwela Mashego bohlokwa le ho leka ho kopanya hore a kgutlele lapeng mme ba bang bona ba hlalositse ha a lokela ho ipona le hore a kope batho bao a barekelang majwala ho mothusa.
Mashego o hlalositse hore e bang a sa fumane thuso hana jwale a tla lokela ho emela 30 tsa Lwetse hore a kgutle lapeng mme o bona nako eo e le hole.
BALA HAPE:Â Cyan Boujee o kgutla ka sekgahlaÂ
