
MacG o tlameha ho ikopanya le ba Palamenteng
Motlatsi wa Letona la Ofisi ya Mopresidente wa Basadi, Bacha, le Batho ba nang le Bokwa, Mmapaseka Steve Letsike, o boletse hore Macgyver “MacG” Mukwevho o tla bitsetswa palamenteng.
O bontšhitse ho kgopiswa ho tebileng ke mantswe a nyenyefatsang a entsweng ke sebohodi Macgyver “MacG” Mukwevho kgahlano le sebapadi sa boraditaba Minnie Dlamini sethaleng sa hae sa Podcast and Chill.
Ho ya ka Letsike, Mukwevho o ile a hakanya, ka matla, mabaka a entseng hore dikamano tsa lerato tsa Dlamini tsa nakong e fetileng di fele.
MacG o supile hore mohlomong hona le bothata bo itse kapa hona ho nkga, MaG a supa monko wa hae o mobe wa setho sa botona e le lebaka leo ho nahanwang hore ke lona lebaka la ho arohana ha hae le balekane.
Letsike o boetse a re maikutlo a tlameha ho nkuwa e le tlolo ya molao ya ditokelo tsa Dlamini tsa tokoloho le polokeho, tekano le seriti sa botho.
Litsike o boletse hore dipolelo tsa Mukwevho di tla fetisetswa Komiting ya Palamente ya Lekala la Basadi, Bacha le Batho ba nang le Bokowa ho bitsa Monghadi Mukwevho ho hlaha ka pela komiti le tlaleho ho latela Karolo ya 56 ha Molao wa Motheo wa Rephaboliki ha Afrika Borwa.
Kapa ho kwallwa tjhankaneng nako e sa feteng dikgwedi tse 12 kapa tefiso le ho kwallwa teronkong.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://www.Sowetan.co.za
