
Thembisa Nxumalo ka lenaneo le letjha
Thembisa Nxumalo o iphumanetse monyetla o moholo wa ho ba motsamaisi wa lenaneo.
O hlahisitse hoo e ka bang mofuta o mong le o mong wa lenaneo la TV leo motho a ka nahanang ka lona.
Thembisa Mdoda-Nxumalo o entse mananeo a manyalo, mefuta yohle ya dipontsho tsa ho batla ditalenta, mananeo a ho pheha, ho bolela tse seng kae feela.
Sebapadi sa media se hapileng khau le setshwantshisi se kgutlile hape, ka gig e nngwe ya TV.
Ka kopanelo le Icebolethu Group, Thembisa o tla tsamaisa lenaneo le ikgethang le bitswang, Icebo Labantu.
Mokgatlo o bohareng ba bokgabane indastering ya lepato.
Maikemisetso a bona ke ho fana ka tshebeletso e ikgethang jwalo ka setjhaba sa mapato ho etsa mapato le ditshebeletso tse nang le seriti.
Lenaneo la Icebo Labantu le reretswe ho thusa ba sa kgoneng ho fa baratuwa ba bona lepato le nepahetseng.
“Icebolethu e motlotlo ho ba karolo ya morero ww bohlokwa o kgutlisetsang seriti moo ho leng bohlokwa haholo.
Icebo Labantu, lenaneo le letjha le matla leo o le tliseditsweng ke SABC 1 mme le hlophiswa ke Thembisa Mdoda-Nxumalo.
Le tla hlaha sekirining sa hao haufinyane.
Ka lenaneo lena, re fana ka thuso ho malapa a lahlehetsweng ke baratuwa ba bona empa ba sa kgone ho fana ka mokgwa o hlomphehang.
Haeba o tseba lelapa le hlokang tshehetso ya lepato.
- BALA HAPE: Naledi le Cici ba ntshitse setlabolane
ka kopo ikopanye le Icebo Labantu,” mokgatlo o ile wa arolelana marang-rang a setjhaba.
- Translator: Karabelo Molapo
