Yolanda Nyembezi Sebini se tummeng

Sebini Yolanda Nyembezi ya  ileng sa hohela bamamedi ka lentswe la sona le monate le botaki bo tjhesehang.

O ile a hlokahala ka la 13 Hlakubele 2025 a le dileno di, kamora ho kula. 

Yolanda Nyembezi o hlahile ka la 23 Phato 1994 Bizana, mme o qadile pele  a saenela  tumellano ya hae ya rekoto le 1020Cartel mme a lokolla EP ya hae e nang le tshutshumetso e kgolo ka 2020, 

Mme seo se ile sa mo etsa hore e be motshehetsi  ya  inehetseng Mme le thoriso e le lentswe  le matla sebakeng sa mmino se ntseng se hola Afrika Borwa.

Ditaba tse bohloko tsa ho hlokahala ha hae di nnetofaditswe ke ba lelapa la habo. 

Ba lelapa  ba ile  arolelana polelo e tswang botebong ba pelo ha ba Nahana  ka bophelo ba Yolanda bo tsotehang, le tshutshumetso a bileng le yona.

Sello sa batho ba utlwilenh bohloko se atolohile ho feta sedikadikwe sa hae sa haufi, mme batho ba hlahelletseng sebakeng sa mmino wa Afrika Borwa ba hlahisitse matshediso a bona.

Oskido, ya tsebahalang haholo indastering, o ile a arolela batho mantswe a hae Mme are: “Phomola ka khotso, Yallunder.  

“A tswela pele are  o   bohloko haholo ka ho hlokahala ha hae. Mme o tshedisa lelapa la hae, ne

Metswalle le bohle bao a ammeng maphelo a  bona.”

Ho sa le jwalo mokgatlo wa bangodi le Baphatlalatsi (CAPASSO) o fanne  ka kutlwe lo bohloko  ya bona polelong e neng e tibisitse tlatsetso ya  hae e kgolo seyjhabemg sa mmino.

 Sebini se nang le neo ebile se nang le lentswe le amang ba bangata, phello ya hae lepatlelong la mmino  wa Afrika borwa  e ke ke ya lebalwa.

Sehopotso sa Yolanda  se ntse se tswela pele, mme baratuwa ba hae ba bontsha merero ya sehopotso le lepato le tla hlompha bophelo ba hae bo sa tlwaelehang le diphallello tsa mmino.