
Basebetsi mmoho ba hlalosa Nyembe jwalo ka motswadi
Basebetsi mmoho ba mehleng le Nandi Nyembe, ba mohlalositse jwalo ka motho ya neng a na le botho.
Nyembe o ne a tshwaretswe mosebetse wa sehopotse Market theatre Johannesburg moo dibapadi tsa kalaneng, Thelevisheni le bonono di ne di kopane teng
E mong wa dibue, o hlalositse Nyembe jwalo ka motho eo ba ithutileng tse ngata hotswa ho yena, ho tloha ba sa fihla sedikadikweng sa ho bapala kalaneng.
Mohlahisi Angus Gibson o hlalositse Nyembe jwalo ka motho ya neng a le matla le ho rata ho thusa batho.
“Re ne re sebetsa matsatsi a mahlano ho isa ho tshelela ka beke empa o ne a kgetha ho thusa le ho ruta dibapadi tse qalang hore ho sebetswa jwang le ho ba fetola batho ba hlwahlwa.”
“E ne e le motho ya fanang, o ne a dula a ikobile le hoba le botho.”
Engwe ya didika tse hlabolang neo (talent agency) MLA’s Victorius Moluts, e hlalositse ha Nyembe a tla hopolwa.
“Sedikadikweng sa ditshwantshiso le bonono se tsotse kantle ho lentswe la hae le mahlahahlaha a hae. E ne e le motho ya rutang, ya tataisang le hoba mme ya neng a ananela leloko la MLA.”
Nyembe o qadile ho bapala ditshwantshiso le kalaneng ka selemo sa 1979 hons Market theatre mme ka mora moo a leba London, France le Germany ka 1980.
Nyembe o tla bolokwa ka moqebelo le ha dintlha tse fellentse tsa lepato la hae e le hona ditla tsebahala.
BALA HAPE:Â Zenande Mfenyana o hopola Nandi Nyembe
