Dumi Mkokstad: Ho tloha ditorong tsa bolo ho isa mminong wa Gospel

Lerato la pele la Dumi Mkokstad e ne e le bolo ya maoto. Empa mmino wa gospelo ile wa mo kgetha mme wa fetola bophelo ba hae.

Sebini sa dilemo tse 33 se hapileng dikhau se qadile mosebetsi wa mmino a le dilemo di robedi. 

Ka nako eo, o ile a lokolla albamo ya hae eya pele Uthando Olungaka, e ileng ya beha motheo bakeng sa bophelo ba hae ba mmino le tumelo.

O hlahetse Eastern Cape lelapeng la Bokreste, metso ya mmino wa Mkokstad e qadile lapeng. 

“Ntate wa ka ke moruti. Mme wa ka ke mosali mme mamoruti. Re ne re bina hammoho re le lelapa, ke dinako tseo tse ileng tsa nkaha.”

Ha a le dilemong tsa botjha, kamora ho fallela Johannesburg, Dumi o ile a qala ho lahleha tseleng. 

Bolo ya maoto e ile ya nka sebaka sa kereke. “Ke ne ke rata bolo, empa e ne e thulana le mesebetsi wa mmino. 

“Ka qetella ke lahlehetswe ke sebaka sehlopheng,” a hlalosa.

Ka 2020, o ile a fumana monyetla oa ho bapala sehlopheng sa Royal AM, empa dilemo tsa hae tsa mo sitisa. 

“Ho ntse ho bohloko, empa ke ntse ke ikwetlisa le kajeno. Kea tseba hore toro eo e fetile.”

 Jwale o shebane le mmino, lelapa le tumelo. Mkokstad o lokollitse albamo e ncha UYesu yiNkosi mme a qala leeto la tsoseletso naha ka bophara. 

“Ha ke ngola mmino, ke itima dijo mme ke a rapela. Mmino o a fodisa, ke tsela eo ke sebeletsang ka yona.”

Ke monna ya tshepahalang le ntate ya inehetseng, o eketsa ka hore: “Ke leka ho ba motho a hantle ho ba lelapa la ka, tumelo ya ka, le ho batho bao ke ba binelang.”