Batshehetsi ba Ashley Ogle bamo etsetsa letsatsi

Batshehetsi ba sebapadi sa mehleng sa Big Brother Mzansi Ashley Ogle, bamo etseditse letsatsi leo a ke keng a le lebala la tshwalo.

Ogle o ne a keteka letsatsi la tswalo moo a neng a etsa dilemo tse 27 ha Batshehetsi ba hae batla mothabisa ka dimpho.

Dimpho tseo Ogle a diamohetseng, diballwa ho R81 000 mme ka hara tsona ke dimpho tse hlahang batshehetsing ba naha tse fapaneng.

Batshehetsi ba Namibia, le Ghana, haba salla morao ka ho etsa seputhelwana sa bona ho kgalala ya bona moo ba rometseng mpho ya Makeup ya R2000 le tjhelete e kalo ka R10000 kontane.

Ogle o phaladitse ho marangrang moo a bontshitseng phapusi e tletseng dimpho tsa letsatsi la tswalo.

Hara tsona hona le mekotla ya mabitso a jwalo ka Steve Madden, Louis Vuitton le tse ding.

Kgalala ena, e fumane le mpho ya phone ya moetso ea Iphone 17 Pro Max, e leng moetso wa moraorao.

 

BALA HAPE: Tyla o tswelapele ho itshupa mafatsheng