
R.Kelly o kene sepetlele
R.Kelly o ile a iswa sepetlele hang-hang ka mora ho nwa jwala ho tlōla hoo ho ileng ha batla ho mo bolaya.
Mohlankana ya dilemo di 58 o ahloletswe dilemo tse 30 tjhankaneng ya North Carolina.
‘Muelli sa hae o re Kelly o kwaletswe a le mong ka la 10 Phuptjane.
O ile a fuwa meriana wa ho fokotsa ho tšhwenyeha ha a ntse a le seleng e ka thōko ya tjhankana.
Ho tlalehwa hore basebetsi ba tjhankana ba ile ba mo fa meriana e meng matsatsi a seng makae hamorao.
Kelly o ile a hlaphohelwa mme a iswa Sepetlele sa Univesithi ya Duke.
Dingaka di ile tsa mo hlokomela ka matsatsi a mabedi pele a kgutlisetswa teronkong.
‘Muelli wa hae o re mapolesa a mo file tekanyo e kotsi ka boomo.
Brindley o re, “Enwa e ne e se phoso. E batlile e mo bolaile.
Ho se ho kentswe kopo ya tshohanyetso ya hore a lokollwe kapele.
Sehlopha sa bobuelli se re Kelly ha a fumana tlhokomelo ea bongaka e hlokahalang.
Ba bolela hore ha hwa ka ha buwa keng sa thrombosis.
- BALA HAPE: Tamia o tswela pele ka mashano
Ho nnile ha bolelwa hore ho na le morero o moholo wa bolotsana wa diofisiri tsa tjhankana.
- Translator: Karabelo Molapo
