
Papa Ghost o tlohetse ho Tsuba
Papa Ghost o Arolelana Pheko ya Hae Ha a Le Leetong la ho Tlohela ho Tsuba.
Ho tlohela ho tsuba hase ntho e bonolo.
Ba bangata ba lekile mefuta eohle ea lintho, ba hlōleha.
Leha ho le jwalo, re hlokometse hore haeba motho a ikemiseditse, mme a e-na le tshehetso e nepahetseng le disebeliwa, ba ka kgona ho di etsa.
Papa Ghost ke e mong wa batho bao, ba batlang ho tlohela ho tsuba.
Ha a ntse a le ntlong ya big brother Mzansi Season IV, ho ne ho hlakile hore o ne a tsuba haholo.
Ho ne ho boetse ho e-na le dinako tseo ka tsona a neng a tla be a hloname, hobane Biggie o ne a sa ba fe disakerete.
Metjheng ya hae ya ditaba tsa setjhaba, tse ding tsa ditaba tsa hae di mo bontsha ho tsuba.
Naledi ya nnete ya shou,mme sebini se se se nkile qeto ya hore ho lekane, mme o tlohela tlwaelo eo.
Papa Ghost ha a so arolelane mabaka a hae a ho etsa jwalo, ke batho ba bangata ba mo potileng ba mo thabetseng.
Ho kena leetong ka katleho, o sebedisa NASTY South Africa.
- BALA HAPE: Phelo Bala o bontsha tswelopele
Sepheo sa mokgatlo ke ho fana ka mokgwa o mong bakeng sa batho ba baholo ba tsubang ba batlang ho tlohela.
- Translator: Karabelo Molapo
