
Burna Boy o tswelapele ho kwatisa balatedi
Sebini sa Nigeria se sa feleng melomong ya batho Burna Boy, o hlaheletse ditabang hape ka qaka e amang molatedi.
Burna Boy o hlaheletse kgatisong moo a neng a emisa ho bina le ho leleka molatedi moketeng wa hae wa ho bina Houston.
Molatedi enwa, o hlaheletse a robetse ka nako eo Burna Boy a ntseng a bina e leng seo ho dumellwang e le sona se kwatisitseng sebini sena.
Sebini sena sa Nigeria, hase qale hona le bothata le motshehetse jwalo ka ha pejana a ile a hlahella a raha molatedi lapeng Nigeria toropong ya Lagos.
Burna Boy ya kileng a leka ho tlisa mokete Afrika Boroa empa balatedi ba hana ho reka ditekete, ha utlwane hantle le ma’Afrika Boroa ka lebaka la molomo le diketso tsa hae.
Basebedisi ba marangrang, ba ikanetse ho leba meketeng ya Burna Boy ba apere diaparo tse robalang e le ho bontsha tshehetso ho mosadi eo Burna Boy a neng a nahana wa motlontlolla.
BALA HAPE:Â Nyewe ya Shebe e tla kgutlela hape lekgotleng
