Nadia Nakai o baka ditaba ka papadi ya hae

Sebini sa mmino wa Rap le Hip Hop, Nadia Nakai, o bakile ditaba dihana ho fela ka mora ho letsetsa e mong wa dibini e le papadi ya lenaneo la hae la Bragga.

Nakai, o letseditse Zakes Bantwini mohala e le karolo ya papadi mme Zakes o arabetse mohala ntle le ho senya nako a sa tsebe hore ke papadi (prank).

Ketso ena ya Nakai e fanne ka maikutlo a fapaneng jwalo ka ha ba bang ba batho bare o ne sa sena tokelo ya ho etsa jwalo hobane Zakes ke ntate wa lelapa.

Le ha a sa letsetsa Zakes fela, balatedi ba dumela ha ketso eo e le lenyatso ho mofumahadi wa Zakes le lelapa la hae.

Zakes Bantwini ke sebini se tsejwang ka mmino le ho rata molekane wa hae le lelapa la hae mme basebedisi ba marangrang ba dumela ha Nakai e leka ho duka kgotso.

Le ha hole jwalo, ba bang ba eme lehlakoreng la Nakai le ho hlalosa ha mohala oo, o ne o sena letho e ne e le papadi fela.

 

BALA HAPE: Babalwa M wa hlaselwa ka mora ho bina a dutse

O dumela Nadia a le phoso kapa jwang?