Lenaneo la DJ Sbu la hoseng le tlasa diphuputso

Lenaneo la hoseng la seyalemoya sa Radio 2000 le etswang ke Sbusiso ‘DJ Sbu’ Leope, le tlasa diphuputso ka mora hore e mong wa bamamedi a hlahlele tletlebo ho Broadcasting Complaints Commission of South Africa BSCCSA.

Hoya ka ditlaleho, Sbu le basebetsi mmoho le yena (Nathi Ndamase le Lelo Mzaca) lenaneng la hoseng la Big Breakfast Show bana le mokgwa wa ho qotsa bebele le ho e tsenkolla ho bontsha ka moo e nang le tshekamelo ka teng.

Momamedi enwa wa mehla le mehla wa Radio 2000, o tlitlibile ka hore bamamedi le baahi ba Afrika Boroa, ke batho ba tumelo tse fapaneng mme ho dula o shebile tumelo e le nngwe lenaneong ho bontsha tshekamelo le kgethollo tumellanong tse ding.

Le ha hole jwalo, Ndamase o ile a tsitlalela qetong le tumellano ya hae le ho hlalosa a ke ke a hula mantswe a hae le ho kopa tshwarelo.

“Ha ketlo kopa tshwarelo bakeng sa ho bala lentswe le ho rata morena le ho arolelana lentswe,” ho realo Ndamase.

Qhwebeshano eo haya fella moo jwalo ka ha momamedi e mong a qositse bahasi bana ka ho bontsha tshekamelo mokgatlong o mong wa dipolotiki.

Sbu ya neng a bala tletlebo ena moyeng, o hlalositse ha a tseba hore boemo ba bona jwalo la dibohudi ke ho se bontshe tshekamelo le ha mosebetsi mmoho Mzaca a qeletse tletlebo eo ka thoko le ho batla bopaki bo tshehetsa tletlebo eo.

BSCCSA, e kgakotse diphuputso ho fuputsa boraro bona le dikateng tsa lenaneo la bona mme lona letla tswelapele ntle le tshitiso nakong ya diphuputso.

 

BALA HAPE: Dj Sbu o bua ka tshehetso ae fumaneng ho balatedi ba hae