
Cassper Nyovest o ditabeng ka tweet ya Diddy
Ka mora mokete o atlehile wa mmino mafelo a beke profenseng ya Free State, Cassper Nyovest o ditabeng hape.
Lekgetlong lena sebini sena se tlatsang mabala balatedi ka mmino wa hae, o hlahella ka molaetsa oo a kileng a o ngola kgale ho X e leng Twitter ya mehleng.
Nyovest o ne o manehile senepe sa hae ka selemo sa 2014 mme ka hodimo a be a ngola “Young Diddy. #GoldenBoy.”
Basebedisi ba X ba hopoditse Nyovest ka tweet ya hae jwalo ka ha Diddy a ntse a le ditabeng ka nyewe tse ngata tsa tlhekefetso le thobalano.
Karabelong ya hae, Nyovest o hlalositse ha batho bane ba sa tsebe diketso tsa Diddy dilemo tse fitileng mme yena a kase ikwahlaye kapa ho hlakola molaetsa oo.
“Bare ke hlakole tweet ena!!! Le nahana le ka botlola motho e mong le emong la motshosetsa,” ho realo Nyovest.
Dilemo tse 11 ha hona motho ya neng a tseba la diketso tsa Diddy. Nhlakoleng kapa le etse seo le batlang ho se etsa. Nna ha ke sbaye sa lona julle Vuil pops!!!! Almal van julle!!!”
Nyovest hase motho wa pele Afrika ya kenellwang ka Diddy le diketso tsa hae.
Matsatsi a fitileng DJ Fresh, e ne e le yena ya molomong ya batho ba mora hoba karolo ya mekete ya Diddy dilemong tse fitileng.
BALA HAPE: Cassper o leboha batshehetsi ka mora #FillUpToyotaStadium
