Oscar Mbo o amohela lesea la hae

Oscar Mbo le Lerato Phasha ba Amohela Lesea la Bona le sa Tswalwa.

Ho na le lesea le letjha la batho ba tummeng mme re mona bakeng sa ho senola.

Oscar Mbo o sa tswa tsebisa lefatshe hore ke ntate wa nako ya bobedi ka metjha ua ditaba ya setjhaba.

O ile a arolelana ditaba tsa molekane wa hae Lerato Phasha moimana, le video ya hae a tshwere lesea la bona le sa tswa tswalwa.

Oscar le Lerato ba atlehile ho thibela boimana boo mahlong a setjhaba le metjheng ya ditaba, kahoo ba laola tlaleho.

Hona jwale ka nako ya bona ya boiketlo, ba nnile ba arolelana ditaba tsa ho fihla ha lesea la bona.

Enoa ke mora wa bobeli  wa Osca, Mme ba mo latelang, ba tseba ba ka paka hore ke ntate e moholo.

Ho ha ka ditshwantsho tseo Oscar a neng a di arolelana, motho a ka bolela kamoo Lerato a neng a le motle a bile a kganyang kateng nakong ea bokgatjhane.

Ba babedi ba ne ba ena le setshwantsho se phodileng sa difoto, se neng se boetse se bontsha mekgwa ya bona e ntle ta feshene.

Divideong, sebini le mohlahisi, ba tiisitse tswalo ha mora wa bona, ya seng a ntse a nka metjha ya ditaba ya setjhaba ka sefefo.

Batho ba kang Somizi, Thuli Phongolo, Sithelo, Londi London, Bontle Modiselle le ba bang ba bangata, ba ile ba ikopanya le bongata ho ba thoholetsa banyalani bana.

  • Translator: Karabelo Molapo