
Dj Sbu o bua ka tshehetso ae fumaneng ho balatedi ba hae
Ka dilemo tse fetang mashome a mabedi, lebitso la DJ Sbu le dutse melomong wa batho – ebang ke sebohodi sa SEA-LE-MOYA, sibini le ho kena kgwebong.
Lebitso la sebele Sibusiso Leope, tseleng, o kgutlile ho tswa mahlabisa-dihlong le dikgang tsa setjhaba o itse bamamedi ba hae ba hōdile le ena ho theosa le dilemo.
E bile ntho e makatsang, Bamamedi ba ka ba sea-le-moya sa radio 2000 ke mofuta o moholo wa bamamedo bao ke neng ke ena le bona YFM dilemong tse fetileng, ke ile ka e bitsa ‘YFM e hōdileng’.
Batho ba mmamelang ke bona batho ba mmametseng ho YFM.
Empa ha jwale re batswadi, re na le bana mme kaofela re hōtse re ena le boikarabelo,” o ile a bolella Sowetan.
DJ Sbu ya tsebahalang ka hore ke motho ya hustler le ya sututsang moedi, o itse o tlameha ho ba le letlalo le thata ho theosa le dilemo.
Ke ikokoditse hobane ke mofuta wa motho ya tla leka dintho mme haeba a hlōleha, ke tswela pele.
Ka ke mohla ke kgomarelang dintho tseo ke di hahang, ha ke tshabe ho hlōleha.
Kaha ke bile mahlong a setjhaba ka dilemo tse ngata, ha ke hlajwe ke dihlong ka seo batho ba tla se bua, “o ile a re.
O ile a re moya wa hae wa ho ferekana o tswa ho mmae.
- Translator: Karabelo Molapo
